- Sepolesa se letsholong la ho batlana le mosadi ya lahlileng ngwana - August 21, 2024
- Lefapha la ditaba tsa selehae le lwantshana le bobodu ba dibukana tsa boitsebiso - August 20, 2024
- MK Party rolls out red carpet for Shivambu and Manyi after ditching EFF - August 15, 2024
Seponesa sa Odendaalsrus se letsholong la ho batlana le monna ya sa tsejweng a ile a beta ngwanana ya dilemo di 16 sebakeng sa Block 1, pela kereke ya Assemblies of God, Kutluanong. Sena se etsahetse mathwasong a selemo ka Sontaha mesong, ka la 16 Pherekgong.
Ho ya ka mmuelli wa seponesa seterekeng sa Lejweleputswa, mokapteni Stephen Thakeng, ho tlalehwa ha ngwanana e nwa a ne a tsamaya le boausi ba hae ba babedi ba lebile habo bona sebakeng sa Block 4.
Ha bale tseleng, borarong ba bona ba ile ba elellwa hore ba setswe morao ke banna ba babedi ba sa tsebahaleng. E mong wa banna bao o ile batla mohala wa thekeng, mme ba mo araba ka hore ha bana o na.
“Barwetsaneng bana, ho ne hona le a tshwereng polasitiki e ntsho e tshetseng dikhafotine, mme ba belaellwa ba di nka ka matla. Hona moo, mmelaellwa e mong a neng a apere borikgwe bo botsho le sekipa se setsho o ile a batla hore ngwanana e nwa ya dilemo di 16 a mo sune mme a hana,” ho bua Thakeng.
Thakeng o tswetse pele ka hore sekweta sena se ile sa qhautsa lehlasipa ebile a mo kgama. A sa motshwere jwalo, sekweta sena se ile sa laela lehlatsipa la sona hore le se ke a hweletsa a ntse a mo tshosetsa ka ho mo hlaba ka thipa.
Monna enwa o ile a hlobodisa ngwanana e nwa, yaba wa mo beta.
Mmelaellwa o hlaloswa e le motho a motsho ka mmala, a le mosesane, a e na le leqeba lerameng le letshehadi. O ne a apere sekipa, jeresi le borikgwe tse ntsho, ebile a rwetse le katiba e ntsho.
Mang kapa mang ya ka bang le lesedi le ka lebisang ho tshwarweng ha mmelaellwa eo o koptjwa ho letsetsa detective sergeant Moarongwa Mokoena ho 0678030610 kapa 0860010111.




