Sepolesa se letsholong la ho batlana le dikweta tse supileng ka mora ho ipha dimenyane

Banna ba supileng ba hlometseng ba ile ba kenela kgwebo ya Matima Lenyora Engine Garage Thabong Welkom, mesong ya kajeno, 10 Phupjane.

Sepolesa se hlalosa ha se ile sa fumana tletlebo ho tswa ho monna ya dilemo di 64 le mosebetsi mmoho le yena ka hore ba kenetswe keratjheng moo.

“Basebetsi bana ba hlalosa ha ba ne ba ikwalletse ka hara lebenkele ha ho tla fihla banna ba supileng ba hlometseng.

Eka ba ile ba ba qobella ho bula lemati ba ba supile ka dithunya. Ka mora moo ba ba laela hore ba bule seifi empa ha baa ka ba atleha. Yaba ba nka tjhelete e ka hara ‘cash register’ le mehala ya thekeng e mmedi,” ho boletse Mmuelli wa sepolesa Stephen Thakeng.

Thakeng o tswetse pele ka hore banna bao ba ile ba paqamisa basebetsi fatshe mme ba kenya di qhomane ka hara seifi le hoja di sa ka tsa qhoma.

Ha sepolesa se fihla ba ile ba fosana ka dikulo empa ha ho a ka haeba le motho ya tswang kotsi.

Ho butswe nyewe ya ho kenela kgwebo le teko ya polao.

Mme mang kapa mang ya ka bang le lesedi le ka isang ho tshwarweng ha babelaellwa bao o koptjwa ho letsetsa 08600 10111.

Share Kasi Voice News

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Translate »