Maponesa a tsoma dinokwane, ka mora baratani ba bolawe ka sehlooho!

Maponesa a ntse a fuputsa nyewe ya polao le ho Leka polao ka mora hore mosadi le mohlankana wa hae ba thunngwe ke banna ba babedi ba Maafrika ketsahalong e etsahetseng ka Moqebelo wa la 28 Pherekgong 2023 nakong tsa hoseng, horeng ya boraro (3h35 AM) Modikeng Street, Thabong.

Ho ya ka mmuelli wa seponesa Stephen Thakeng, banna ba babedi ba ile ba fihla ntlong eo ba batla Palesa Khoane, e mong wa bona a nkile sethunya.

“Ho bolelwa hore ba ile ba bula lemati la kamore e ka morao yaba ba sa bue letho, Palesa o ile a thunngwa sefubeng mme mohlankana wa hae le yena a thunngwa lethekeng le letshehadi mme babelaellwa ka bobedi ba baleha ka maoto ho tloha sebakeng seo.

Monna ya dilemo di 38 o ile a iswa sepetleleng se seng sa Matjhabeng ha Palesa Caroline Khoane (38) a netefatswa ke basebetsi ba Emergency Medical Services,” ho rialo Thakeng.

Beng ka bona ba ile ba tsebiswa semmuso ka lefu la moratuwa wa bona.

Di-cartridges tse pedi le tsona di ile tsa fumanwa sebakeng sa botlokotsebe.

Monna ya tsejwang ka lebitso la Mmako a ka thusa seponesa ketsahalong ena ya ho thunyana Thabong.

“Mang kapa mang ya nang le lesedi le tla thusa ho latella babelaellwa bana ba dipolao a ikopanye le Detective Warrant Officer Gerrie Nel wa Thabong Serious and Violent Crimes ho cellphone number 082 806 8432 kapa a founele nomoro ya ho thiba botlokotsebe ya 08600 10111,” Thakeng o rialo.

Share Kasi Voice News

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Translate »
Verified by MonsterInsights