Maponesa a fiela barekisi ba dithethefatsi diterateng tsa Winburg

Ditho tsa SAPS tsa Winburg, Bloemfontein Public Order Policing le Welkom K9 Unit di entse tshebetso ya ho sebetsana le dithethefatsi motseng wa Makeleketla, Winburg.

Ka la 7 Lwetse, leponesa Frans Mofokeng, o ne a phathahane ka mosebetsi wa thibelo ya botlokotsebe ha a bona mmelaellwa ya neng a batlwa wa dilemo di 24 ka boshodu, mme a isa seponesa moo thepa e neng e patilwe teng.

Mmuelli wa seponesa seterekeng sa Lejweleputswa, mokaptene Stephen Thakeng, o re maponesa a ile a tshwasa monna ya dilemo di 25 ya neng a rekisa matekwane a boima ba digrama tse 881, tseo ho tlalehwang hore di boleng ba R6 360.

“Ditho tsa maponesa di ile tsa latela ditaba tse mabapi le barekisi ba dithethefatsi. Ntlo e ile ya atamelwa, mme ditho tsa maponesa di a fumana dithethefatsi, matekwane le sethunya eseng sa ma nnete,” ho rialo Thakeng.

Maponesa a ile a tshwarwa babelaellwa ba dilemo tse 20 ho isa ho tse 26, ho ya ka Thakeng, babelaellwa bana, ba tswa Profinseng ya KwaZulu-Natal.

Babelaellwa ba tla hlaha haufinyane Lekgotleng la Maseterata la Winburg.

Share Kasi Voice News

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Translate »
Verified by MonsterInsights