Maponesa a ntse a tsoma monna ya bolaileng mosadi wa hae ka sehloho

Maponesa a Makeleketla, Winburg a ntse a batlana le monna ka mora ho fumana setopo sa mosadi wa hae se tjapalletse ntlong ya bona maobane, 22 Phupu.

Ho ya ka sebuedi sa seponesa sa Lejweleputswa, mokaptene Stephen Thakeng, seponesa se etetse ntlo eo kamora ho fumana mohala o tswang ho moahisane ya tshwenyehileng mabapi le banyalani ba dulang seterateng sa Voortrekker, Winburg.

“Baahelani ba tlaleha hore ba ile batshwenyeha ha ba so bone mofu, mme ha baa kgona ho mo fumana mohaleng ho tloha Labohlano la la 22 Phupu,” ho boletse Thakeng.

Ka lebaka leo, baahisane ba ile ba ikopanya le monna, ya ileng a ba bolella hore mosadi wa hae o Tshwane, Gauteng.

Leeto leo la tshohanyetso le ile la tshosa baahisani mme ba tsebisa maponesa.

Maponesa a ile a araba tlaleho hanghang mme a etela ntlo ya bodulo.

Ha maponesa a fihla, a ile a fumana ntlo eo difensetere le dikgaretene di kwetsoe, mamati a notletswe,” ho tsebisa Thakeng.

Yaba ba qobella lemati hore le bulehe, mme ba kena ka tlung. Ba ile ba makala ha ba fumana setopo sa mosadi se phuthetsoe ka kobo.

Setopo se ne se boetse se bonahala se e-na le matshwao a ho kginea molaleng le matsohong.

Mofu o tsejwa e le Nomathemba Sekonyela ya hlahileng ka la 8 Tshitwe 1980. Maponesa a boetse a tsebisa ausi wa mofu ka ketsahalo e etsahetseng.

Hajwale seponesa se ntse se tsoma monna eleng leponesa la mehleng, Teboho Sekonyela, ya kgannang koloi ya Volkswagen Polo e boputswa ba lehodimo e nang le nomoro ya HBH 073 FS .

“Maponesa a ngodisitse nyewe ya polao bakeng sa diphuputso tse ding.

Re kopa hape hore mang kapa mang ya ka bang le lesedi ka mmelaelwa a iteanye le lefokisi sajene Lizelle van der Westhuizen wa Winburg Detective Services ho 0824668875. Ho seng jwlo, a ka sebedisa nomoro ya tshohanyetso, 0860010111,” ho phethela Thakeng.

Share Kasi Voice News

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Translate »
Verified by MonsterInsights