Monna le mosadi ba fumanwe ba shwele ka mora ho khangwa ke Mbaula

Batho ba babedi ba fumanwe ba shwele maobane, la 24 Phuptjane motseng wa Dealesville, ka mora ho bipetswa ke mbaula e neng e tuka, mmuelli wa seponesa Stephen Thakeng o netefaditse sebaka seo se nyarosang.

Thakeng o re maponesa a Dealesville a amohetse tletlebo ho tswa polasing ya Vlaklaagte hoseng ka mora ho sibollwa ha ditopo tse pedi tse se nang bophelo.

Ka mora ho tsebiswa, mapolesa a ile a ya sebakeng sa ketsahalo, mme a fumana ditopo tse pedi tse shweleng haufi le mbalula,” o boletse joalo.

Thakeng o hlalosa hore e mong ya neng a dutse le bafu bana ba babedi, o ile a ba siya ba dutse ba pota-potile mollo yaba o ya robala kamoreng e nngoe.

“Ka hora ya bone hoseng, o ile a tsoha mme a hlokomela hore bobedi ba bona ba ne ba robetse ka dimpa haufi le mbalula,” ho bolela Thakeng.

“Ka lebaka la ho tshoha le ho makala, mosadi o ile a potlakela ho moahelani ho kopa thuso.

“Moahisane o ile a bitsa maponesa le ditshebeletso tsa tshohanyetso tse ileng tsa paka hore ba babedi ba hlokahetse sebakeng sa ketsahalo.

“Hoya ka di patlisiso ho hlahelletse hore ba babedi bana ba hlokahetse ka lebaka la ho hema mosi, kaha ba ne ba se na dikotsi tse bonahalang,” ho hlalosa Thakeng.

Seponesa se hlalositse bafu e le Oupa Duiker (38) le Pana Lekaota (22).

Kamora ho hlokahala ha baahi ba babedi ba Dealesville, maponesa a hlokomedisitse ka tieho hore batho ba se ke ba boloka dikoti tsa mollo tse tsejwang hape e le di-mbalula ka hara matlo a bona, kaha di kotsi ebile di na le bokhoni ba ho fedisa bophelo.

Share Kasi Voice News

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Translate »
Verified by MonsterInsights