SIU e fuwa matla a ho fuputsa diqoso masepaleng wa Moqhaka

Mopresidente Cyril Ramaphosa o tekenne Phatlalatso ya 163 ya 2024, e dumellang lefapha la diphututso eleng Special Invesitgative Unit (SIU) ho fuputsa diqoso tsa tsamaiso e mpe e tebileng ditabeng tsa masepala wa lehae wa Moqhaka, Foreisetata, le ho kgutlisa tahlehelo efe kapa efe ya ditjhelete ya mmuso kapa masepala.

Phatlalatso ya 163 ya 2024 e fa SIU tumello ya ho etsa dipatlisiso tsa ho reka le ho etsa kontraka ya ditshebeletso tsa tshireletso ya mmele ka hara masepala.

S”IU e tla boela e fuputse ditshenyehelo dife kapa dife tse sa dumellwang, tse se nang molemo, kapa tse senyang tse entsweng ke lefapha kapa mmuso.

Bophara ba dipatlisiso bo boetse bo akaretsa boitshwaro bofe kapa bofe bo seng molaong kapa bo sa lokang ba bahlanka kapa basebeletsi ba lefapha, bafani ba thepa ba amehang kapa bafani ba ditshebeletso, kapa motho ofe kapa ofe kapa mokgatlo o bakileng kapa o ka bakang kotsi e kgolo molemong wa setjhaba,” ho bala polelo e tsWang ho SIU.

Ho feta moo, dipatlisiso di tla boela di bontshe hore na ho bile le kabo e seng molaong kapa tshebediso ya tjhelete ya setjhaba.

Phatlalatso e akaretsa diqoso tsa boitshwaro bo seng molaong le bo sa lokang tse etsahetseng pakeng tsa 1 Pherekgong 2019 le 12 Mmesa 2024, e leng letsatsi la phatlalatso ya 163 ya 2024, kapa pele ho la 1 Pherekgong 2019 le ka mora letsatsi la Phatlalatso, tse amanang le ditaba kapa e ama batho ba tshwanang, mekgatlo kapa dikonteraka tse batlisisitsweng.

Ho tsamaellana le molao wa Special Invetigating Units le makgotla a kgethehileng wa 74 wa 1996 (SIU Act), SIU e tla fetisetsa bopaki bofe kapa bofe bo supang boitshwaro ba botlokotsebe boo e bo senolang nakong ya dipatlisiso tsa bona ho Bolaodi ba Botjhotjhisi ba Naha e leng National Prosecuting Authority (NPA) bakeng sa ho tswelapele.

SIU e filwe matla ke molao wa SIU ho kenya kgato ya setjhaba lekgotleng le phahameng la dinyewe kapa lekgotla le kgethehileng lebitsong la lona ho lokisa phoso efe kapa efe e senotsweng nakong ya diphuputso tsa yona tse bakilweng ke diketso tsa bobodu, bomenemene kapa tsamaiso e mpe.

Phetolelo ka Kgosana Moeketsi.

Share Kasi Voice News

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Translate ยป