Latest posts by Thomas Lethoba (see all)
South African Weather Service (SAWS) e fane ka temoso e mosehla boemong ba bobedi (2) bakeng sa difefo tse dipula tsa ditlwebelele, meya e senyang le lehadima le feteletseng profinseng ya Foreistata bekeng ena.
Baahi ba dibaka tse ka bophirima tsa Foreisetata ba lokela ho itlhokomela kgahlanong le dikgohola tsa dibaka tsa mekhukhu le ditsela/dibaka tse tlaase, ha bakganni ba dikoloi ba lemoswa hore ba be hlokolosi ditseleng.
“Maemo ke a hore index ya FDI e be ka hodimo ho 75. Tlasa maemo ana, mello e ka nna ya hlaha mme ya nama ka potlako, e bakang tshenyo ya thepa le tahlehelo e ka nnang ya e-ba teng ya bophelo ba batho kapa ba diphoofolo,” ho hlokomedisitse tshebeletso ya boemo ba lehodimo.






