Mopresidente Cyril Ramaphosa ka Labohlano o tla fana ka puo ya sehlooho nakong ya mokete wa ho kwala Seboka sa Mopresidente sa Lekala la Kahisano se tla tshwarelwa setsing sa Diboka sa Birchwood, Boksburg, Gauteng.
Lekala la Moporesidente la Kahisano le tla qala hosane le tshwerwe tlasa mookotaba “Ho Matlafatsa Momahano ya Setjhaba ho kgontsha Bonkakarolo ba Moruo wa Kahisano ka hara Ditjhaba”.
Polelong ya Laboraro, Kantoro ya Mopresidente e totobaditse hore Puong ya hae ya Maemo a Setjhaba ya 2018, Mopresidente Ramaphosa o ntshitse boipiletso ho setjhaba bakeng sa tumellano ya setjhaba – morero o kopanetsweng wa naha le boitlamo bo tla tataisa mafapha ohle a setjhaba ho aheng Afrika Borwa, e lebeletsweng ho Ponelopele ya 2030 ya Morero wa Ntshetsopele ya Naha.
“Ho tsamaelana le ntshetsopele ya Moralo wa Ntshetsopele ya Naha ya baahi ba mahlahahlaha, Samiti e tla kopanya bankakarolo ho tswa mabatoweng a fapaneng ho sebetsa le mmuso ho sebetsana le diphephetso tsa moruo wa kahisano le ho bokella disebediswa bakeng sa setjhaba, hara merero e meng,” Kantoro ya Moporesidente e boletse. .
Lefapha la Ntshetsopele ya Setjhaba le thehile Sehlopha sa Tshebetso sa Naha se nang le mafapha a bohlokwa, mekgatlo ya setjhaba, Khomishene ya Naha ya dilotho le Lebatowa la Baahi la NEDLAC ho hokahanya le ho netefatsa kenyeletso ya Seboka sa Lekala la Kahisano.
Kantoro ya Mopresidente e boletse hore dipuisano di ne di tshwerwe diprofenseng tsohle pakeng tsa mebuso ya diprofense le mekgahlo ya balekane ba setjhaba e le karolo ya ho aha kopano.
“Samiti e tla sekaseka dipeho tsa dipuisano ho tswa diporofenseng tse robong naheng,” Kantoro ya Mopresidente e boletse.
Samiti e tlo kenwa ke baemedi ba ka bang 600 ho tswa mekgahlong e fapaneng ya setjhaba – Civil Society Organisations (CSO).
Kantoro ya Mopresidente e boletse hore mekgahlo ena, e na le karolo ya bohlokwa setjhabeng ka boiketlo, matlafatso ya moruo, ntlafatso ya ditsebo, dipapadi le boithapollo, bobuelli le ditokelo tsa botho.
“Mopresidente Ramaphosa o tla toboketsa karolo ya mekgatlo ya setjhaba phethahatsong ya morero wa ntshetsopele ya naha,” ho boletse kantoro ya Mopresidente.

