Ke letsatsi le maphathephathe ho Mopresidente Cyril Ramaphosa ha a ntse a etela diteishene tse mmalwa nahengka bophara ho kopana le baokamedi ba baholo ba Eskom, ka ha sesebediswa sa motlakase se ntse se sokola.
Ramaphosa o re o tshweyehile hore ho kgaolwa ha motlakase ho ntse ho tswela pele, mme ho latela tlaleho a ileng a ethola pejana, Ramaphosa ore bothata bona nka be bo se bo rarollotswe ha jwale.
O itse qholotso ya Eskom e tobaneng le yona ke bomenemene le bobodu ditsing tsa yona tsa motlakase.
Ramaphosa o ikana hore o tla tswela pele ho phehella diphetoho tsa moruo ho fumana phepelo e tshepahalang ya motlakase o theko e tlaase.
O ile a dumela hore ho ne ho se na tharollo e bonolo empa a re mmuso o ikemiseditse ho hlahloba menyetla e mengata ya ho etsa bonnete ba hore ho fehlwa motlakase o lekaneng ho finyella ditlhoko tsa matla a naha.
Mopresidente o qeta letsatsi a etela dikantoro tsa motlakase tsa Eskom le botsamaisi ba Eskom, o feleditswe ke matona a hae eleng Pravin Gordhan, Gwede Mantashe le Bheki Cele.
Mopresidente o tsebisitswe ka diqholotso tse mmalwa tse amang tshebetso setsing se kenyeletsang boshodu, bobodu le tshenyeho, le mehato e nkuwang ho di rarolla.

