- Sepolesa se letsholong la ho batlana le mosadi ya lahlileng ngwana - August 21, 2024
- Lefapha la ditaba tsa selehae le lwantshana le bobodu ba dibukana tsa boitsebiso - August 20, 2024
- MK Party rolls out red carpet for Shivambu and Manyi after ditching EFF - August 15, 2024
Mopresidente Cyril Ramaphosa o phatlaladitse letsatsi la di 29 Motsheanong 2024, e le letsatsi la dikgetho tse akaretsang tsa naha le diprofense.
Mopresidente o kgethile letsatsi lena a ikamahantse le karolo ya 49(7) ya molaotheo wa Afrika Borwa, le karolo ya 17 ya Molao wa dikgetho wa 1998.
O boetse hape a ikamahanya le karolo ya 17(2) ya Molao wa dikgetho 73 ya 1998, a batla boeletsi ba Komishene e ikemetseng ya dikgetho (IEC) ka ho kgetha letsatsi leo.
Mme a boela hape a kopana le ditonakgolo tsa diprofense ho lekola maemo a bona a boitukisetso ba dikgetho.
Mopresidente o re dikgetho tsena tsa 2024 di bohlokwa haholo ketekong ya dilemo tse 30 tsa tokoloho le demokrasi ya Afrika Borwa. Kahoo o ipileditse ho batho boohle ba loketseng ke ho nka seabo dikgethong tsena ho etsa jwalo.
“Ho feta phethahatso ya rona ya molaotheo, dikgetho tsena tseo re yang re di lebile, ke keteko ya leeto la rona la demokrasi le maikemisetso a rona a hoba le bokamoso boo re bo batlang. Ke ipiletsa ho MaAfrika Borwa kaofela ho sebedisa tokelo ya bona ya ho kgetha, le ba tla beng ba thaota ho etsa hoo ka kgotso ntse ba latela molao. Re ipiletsa ho ba so kang ba ingodisetsa ho kgetha ho sebedisa polatefomo ya marangrang ho etsa jwalo” ho bolela Mopresidente Cyril Ramaphosa.
Ho ya ka Komishene e ikemetseng ya dikgetho, batho ba ingodisitseng ho kgetha ba etsa dimillione tse 27.4.
Profense ya Gauteng ke yona e itlhommeng pele ka batho ba dimillione tse 6.4, e latelwe ke KwaZulu-Natal ka dimillione tse 5.7 le Eastern Cape ka dimillione tse 3.4.
Phatlalatso ya letsatsi leo e le la dikgetho e tla etswa ha morao.