- Sepolesa se letsholong la ho batlana le mosadi ya lahlileng ngwana - August 21, 2024
- Lefapha la ditaba tsa selehae le lwantshana le bobodu ba dibukana tsa boitsebiso - August 20, 2024
- MK Party rolls out red carpet for Shivambu and Manyi after ditching EFF - August 15, 2024
Lefapha la ditaba tsa selehae le bontshitse ha batho ba ka bang 700 000 ba ka iphumana bukana tsa bona tsa boitsebiso di kwetswe. Bekeng e fetileng ka la 16 Phato 2024, lefapha le fane ka matsatsi a 30 hore batho bana ba fane ka mabaka a hlolosang hobaneng di sa lokelwa ho kwalwa.
Lefapha lena le mohatong wa ho lwantshana le bobodu bo amanang le dibukana tsa boitsebiso, le ho rarolla qaka ya dilemo tse fetileng ya dibukana tse kwetsweng ka phoso.
“Re phatlaladitse semmuso monyetla wa hore MaAfrika Borwa a tshwereng dibukana tsa boitsebiso tse kwetsweng ba ikopanye le Lefapha la ditaba tsa selehae, ba fane ka bopaki ba hore dibukana tsa bona tsa boitsebiso di kwetswe ka phoso.
Rona re tla netefatsa seo mme haeba re fumana hore ka nnete di kwetswe ka phoso re tla di bula”ho boletse letona la lefapha la ditaba tsa selehae, Dr Leon Schreiber.
Schreiber o tswetse pele ka hore tse ding tsa dibukana tsa boitsebiso tse kwetsweng, di kwetswe hobane di fumanwe ka bukunyata boo ba ntseng ba bo lwantsha. Ke ka hona ba ke keng ba iphapanyetsa taba ena hobane e beha tshireletso ya naha kotsing.
Hape batho ba amehang ba itlhahise hore ba tsebe ho hlwaya dibukana tse lokelang ho bulwa, le tse ke keng tsa hobane di le kotsi tshireletsong ya naha.
Ho sale jwalo o entse boipiletso ho MaAfrika Borwa a ntseng a sebedisa bukana tse tala tsa boitsebiso hore ba fetolele ho di smart cards ho qoba hoba mahlatsipa a boshodu ba boitsebiso.