Batho ba batlang mosebetsi ba lemoswa ho ba hlokolosi ka dinomoro tsa bona tsa boitsebiso

Letlole la Inshorense ya batho ba sa sebetseng (UIF) le hlokomedisitse batho ba batlang mosebetsi ho ba hlokolosi ka dinomoro tsa bona tsa boitsebahatso ho latela ho ata ha ditletlebo tsa setjhaba mabapi le bahiri ba mashano.

UIF e re bahiri ba bohata ba tlalehwa ba sebedisitse dinomoro tsa boitsebiso tsa batho ba batlang mosebetsi ho ba ngodisa letloleng le ho tseka melemo ya COVID-19 TERS, mme maemong a mang, e le a ho tseka melemo ya UIF.

Polelong ya Labobedi, Lefapha la Khiro le Mesebetsi le boletse hore boholo ba ditletlebo di hlahile ha batho ba mmalwa ba etsa kopo ya thuso ya setjhaba e tsebahalang ele (SRD) R350 ho tswa ho Setheo sa Tshireletso ya Setjhaba sa Afrika Borwa (SASSA).

Leha ho le jwalo, dikopo tsa bona di ile tsa hanwa kaha ba ne ba ngodisitswe ho UIF.

“Bana haholo-holo ke baithuti, ba thaothelwang ‘boithupelo’ mme dithuto tsa bona ho thwe di tsheheditswe ka R3 500, eo ho seng mohla e lefuwang baithuti empa e qetelletse e ngotswe e le moputso wa bona wa kgwedi ha ba kopa UIF,” lefapha le boletse.

Ho ya ka mananeo a tloaelehileng a kwetliso ya UIF, lefapha le itse baithuti ba thaothwa ke Lefapha la Khiro le ditshebeletso tsa Khiro tsa Afrika Borwa (ESSA) tsa batho ba batlang mosebetsi.

ESSA e hokahanya batho ba sa sebetseng le menyetla ya mosebetsi le kwetliso.

Mokhomishenara wa UIF, Teboho Maruping, o itse ke karolo ya boikitlaetso ba letlole la ho theha menyetla ya mesebetsi le ho nyolla batjha, “UIF e na le mananeo a mangata a kwetliso tlasa Mananeo a Tshebetso ya Basebetsi (LAP),” ho tlaleha Maruping.

Share Kasi Voice News

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Translate »
Verified by MonsterInsights