- R17 million in winnings and counting at Windmill Casino - October 20, 2025
- Baeti Food’s sweet taste of success - October 17, 2025
- CGCSA Summit 2025 Champions Agility and Innovation in the Consumer Goods - October 12, 2025
SANCO e Foreisetata e theoleditse Sehlopha sa Materiki sa Foreisetata a 2023 le ho lakaletsa tshebetso e ntle ya bona ya ho boloka sebaka sa pele diphethong tsa dinaha tsa Boemo ba Sehlopha sa 12.
“Diteboho tsa rona di ya ho Batswadi, Matitjhere, di-SGB, mekgatlo ya poraefete, basebeletsi ba tsamaiso ya Lefapha la Thuto la Foreisetata hammoho le bankakarolo bohle ba kentseng letsoho ho netefatsa hore Profense ya Foreisetata e tswela pele ho ba moetapele thutong,” ho rialo mmuelli wa SANCO Foreisetata Shima Mahlatsi.
Foreisetata e hlotse diporofense tse ding kaofela. E fihletse sekgahla sa ho feta sa Matiriki ka 89%.
Letona la Thuto ya Motheo Angie Motshekga, o thoholeditse baithuti ka tlholo ena.
“Ke ditaba tse monate tse tlisang tshepo le ho matlafatsa moya wa boitshwaro setjhabeng sa Foreisetata le naha ka kakaretso.
“Re lakaletsa sehlopha sa 2023 mahlohonolo boitekong ba sona ba kamoso le ho kgothaletsa ba sa kang ba sebetsa hantle hore ba be le mamello ya ho leka hape le ho hopola hore ba tswa Profinseng ya bomampodi – e busang, le hore e ntse e le bomampodi,” ho eketsa Mahlatsi.
SANCO e fane ka tlotla e kgethehileng ya ba ya hlompha mosebetsi oo mmuso wa Foreisetata o o etsang thutong.
Ba fane ka diteboho tse kgethehileng ho Makalo Mohale, letona la thuto Foreisetata.
“Letona [MEC Mohale] o nkile lefa le neng le le etetswe pele ke mofu Tate Makgoe.
“Monghali Makalo o kentse moya wa lerato la ho ithuta ho bana ba rona, a dula a kgothaletsa batswadi, matithere le mekhatlo e ikemetseng ho kenya letsoho thutong ya bana ba rona ka mokgwa o nepahetseng,” ho boletse Mahlatsi.
SANCO ere MEC Mohale o ile a bontsha boetapele, boikarabello, kutlwelo-bohloko, botshepehi le hlompho mosebetsing wa hae.





