Ho tshwerwe batho ba 52 Welkom le Virginia kamora mosebetsi o motle wa Operation Vala Umgodi

Batho ba mashome a mahlano a metso e mmedi (52), boholo e le bao e seng ba naha, ba hlahile makgotleng a dinyewe ka mora diketso tsa botlokotsebe.

Babelaellwa ba tshwerwe ka ditlolo tsa molao Welkom le Virginia.

Ho ya ka mookamedi wa Profense wa seponesa, Baile Motsoenyane, sehlopha sa seponesa (POP) se ile sa etsa operation ‘Vala Umgodi’ seterekeng sa Lejweleputswa.

“Babelaellwa ba tshwerwe ka diketso tse seng molaong. Re le seponesa re fumane ba rekisa jwala ntle le mangolo a tumello le ho nwa pontsheng; boshodu, ho ba le thepa eo ho belaellwang hore e utswitswe, mme le dithethefatsi di fumanwe,” ho rialo Motswenyane.

O boetse a re ditho di ile tsa tswela pele ka tshebetso mme tsa fetela seterekeng sa X5 se Virginia ho ya pele
Mantaha wa la 15 Pherekgong hoo e ka bang ka 12:00.

Seponesa se ile sa tshwara monna ya dilemo di 40 ka lebaka la ho ba le thepa e utswitsweng. Motswenyane ore thepa ena, e ne le kgauta.

Ho feta moo ka Labobedi, 16 Pherekgong hoo e ka bang ka 13:30 thapama, ditho di ile tsa ya Albany Park, Meloding, moo ba ileng ba tshwara monna ya dilemo di 63 ka lebaka la ho ba le thepa ya kgauta.

Babelaellwa ba tshwereng, ba tla hlaha haufinyane makgotleng a dinyewe, Welkom le Virginia.

Share Kasi Voice News

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Translate »
Verified by MonsterInsights