Seponesa se tswile letsholo ka mora hore molebedi a tlatlapuwe Welkom

Molebedi wa tshireletso o tlatlapuwe thepa ya hae ya botho leya mosebetsi maoba ka Labobedi bosiu, 05 Phupu, tikolohong ya Dagbreek, Wekom.

Hoya ka mmuelli wa seponesa seterekeng sa Lejweleputswa, mokaptene Stephen Thakeng, molebedi enwa wa tshireletso o ne ale mosebetsing hukung ya seterata sa Tempest le sa Alma.

“Ho qusuwa hore banna ba babedi ba ma-Afrika atamela lehlasipa mme ba mosupa ka dithunya,” ho buile Thakeng.

Lehlasipa le tswelletse ho qosa hore e mong wa banna bao o ile a mohlaha ka morao mme a nka sethunya sa hae sa moetso wa Mosberg, sethunya sa hae sa botho sa 9mm CZPO7 sa nomoro ya K916146 le dikulo tse supileng, mohala wa thekeng le letlapa tsa moetso wa Apple.

“Babelaellwa ba ile baqusuwa hape ka ho ntka, ka mahahapa, bukaya ya lehlasipa ya boitsebiso, dikarete tsa dibanka le laesense ya sethunya,” Thakeng o tsebisitse.

Ka mora ho mo tlatlapa thepa ya botho, babelaellwa ba ile ba nka lehlasipa ba mo isa sepakapakeng moo honeng hona le babelaellwa ba bang ba kabang ba supa kapa robedi. Babelaellwa kaofela ba fetetse sebakeng sa motlakase, eleng Welkom Electrical Site mme ba siya molebedi enwa ya dilemo di 23 le babelaellwa ba babedi.

Ba sana le nako bale sebakeng seo, lehlasipa le ile la utlwa ho thunngoa mme babelaellwa ba baleha kaofela ha mmoho le baneng ba mo katile.

“Balebedi ba sebaka sena sa motlakase le maponesa a mane ba ile ba utlwa lehlasipa le hweletsa ho kopa thuso, mme ba mo pholosa,” ho hlalosa Thakeng.

Seponesa se ngodisitse nyewe ya boshodu ba dibetsa ho batlisisa ho ya pele, mme mang-kapa-mang yanang le ditaba tse amanang le nyewe ena aka tsebisa seponesa dinomorong tsa tshohanyetso tsa 0860010111, kapa a ka letsetsa mafokisi a Welkom ho 0828488120.

Share Kasi Voice News

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Translate »
Verified by MonsterInsights