Seponesa sa Virginia se fumane dikgomo tse 82 ho tse 85 tse utsuweng

Seponesa sa Virginia sa poloko ya dipolasi se fumane tletlebo ya mohlape wa dikgomo tse 85 tse utswitseng seterekeng sa Virginia kajeno mesong.

Mmuelle wa seponesa seterekeng sa Lejweleputswa, mokaptene Stephen Thakeng, o boletse hore maponesa a mabedi, Sello Nkhobo le Motsejoa Lehloma, ba etetse tletlebo ena hang-hang.

“Maponesa ile a sala morao dikgatiso tsa maoto a dikgomo tsena ho fihlela ba fumana dikgomo tse 55,” ho bolela Thakeng.

Ka mora ho fumana dikgomo tsena, maponesa ana ha aka emisa moo. Ba ile ba tswella pele ka ho sala dikgatiso tsena morao ho fihlella ba fumana dikgomo tse ding tse tsheletseng.

Tswepolele ena e thabisang le yona haya thibela maponesa ana ho tswella pele ka phuputso ya bona, empa eba susumeditse hore ba tswelle pele ka ho batlana le dikgomo tsena tsa Brangus.

Thakeng O tlalehile hore dikgomo tse fumanweng kaofela di 82, mme dina le boleng ba R820 000.

Dikgomo tse tharo, ntse di soka di fumaneha.

Seponesa se ngodisitse nyewe ya boshodu ba mohlaphe ho tswellisa dipatlisiso pele.

“Mang-kapa-mang ya nang le ditaba tse ka thusang ka dipatlisiso nyeweng ena o kopuwa ho tsebisa mokapteni Malete, molaodi wa sehlopha sa boshodu ba mehlape le mefuta e kotsing dinomorong tsa 0823885113.

Share Kasi Voice News

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Translate »