Ka la 3 Lwetse 2021, ditho tsa Thabong FCS tlasa boetapele Kolonele. Kilibone Gopane le sehlopha sa hae moo teng ba fuputsang ditlolo tsa molao khahlano le basadi le bana, ba iphile nako ya ho etela bana ba sa tsotellweng le ba lahlilweng.
Maponesa a atetse bana ba na ba lahlilweng sebakeng sa polokeho Virginia.
Ho Keteka Letsatsi la ho tlosa Bolutu, ditho tsa maponesa di ile di a iteka ka matla ka ho reka dijo tse monate ho thabisa bana ba lahlilweng ke batsoali ba bona.
Ditho tse neng di le teng sebakeng sena sa polokeho e ne e le Captain Liezel Goosen, Warrant Officer Mia Englebreght, Warrant Officer Tshidiso Qhamakoane le Sajene Dries Holtshauzen wa Thabong FCS.
Kolonele Gopane, o ba hlaloseditse hore Seponesa ke basireletsi ba bona ebile ba a ba rata.
Ho bile le ngongoreho ho ba bang ba bona ya hore ba tshaba maponesa hobane ba nkile dithunya.
Empa e ile ya hatiswa ya ba ya hlaloswa ka botlalo hore dithunya di teng ho sireletsa baahi ho dinokwane tse kotsi.
Maponesa a boetse a teng ho sireletsa bana ho dinokwane tse batlang ho utswa le ho kwetela.
Botsamaisi ba setheo bo ananetse banna le basadi leetong la bona le leputswa ho tla feela le ho ithabisa le ho qoqa le bana ba lahlilweng.
Ho ya ka bona ba ne ba nahana hore setjhaba ha se tsotelle empa ba thoholetsa qalo ena.
Gopane o boetse a leboha sehlopha sa hae ka mosa wa bona ka ho nka bohato lenaneong la bona le maphathaphathe le ho etsa nako ya ho keteka Letsatsi la Casual le bana ba na.







