Mashodu a mane a hlasela koloi ya tjhelete Welkom, ba nkile di dithunya tse pedi ho diofi tsa tshireletso mme a nto phatlola koloi ya tjhelete.
Ka Labobedi wa la 01 June 2021, maponesa ba aile be phatleha le Motse-Thabong ba shebana le mashodu atlehlehilweng ba balehile ka tjhelete le dithunya.
Ke tsahalo ena e tlalehwa e etsa etse ka Mantaha wa la 31 May 2021, moo teng banna ba bane, ba neng ba hlometse dithunya baileng ba phatloha koloi ya tjhelete ya G45 tseleng ya R73 Welkom.
Ho ya ka Christopher Singo, se buelli sa diHawks, diofisiri tse pedi ba ne ba le tseleng e lebileng Meloding, ha ba tla hlaselwa ke sebotho sena sa banna ba bane.
“Diofisiri tsa koloi ya G45 ba ne ba le tseleng ho lo lata le ho nka tjhelete ha bat la hlaselwa ke ditlokotsebe.”
Singo ore banna bana e hlahella ele banna ba Aforika Borwa.
“Banna bana ba ile ba itahlela ho koloi ya tjhelete, mme ba hlasela diofisiri, ka morao ho moo ba ile ba nkela diofisiri dithunya pele ka mora hore ba nke tjhelete,” Singo wa tlaleha.
Singo o itse ka morao hore ba tukise koloi, dinokwane tsena di ile di ja meja fatshe ka tjhelete esa tsebahaleng ene le bokae, mme ba ne ba tsamaya ka dikoloi tse pedi eleng, BMW e mmala o putswa le Mercedes Benz o motsho.
Ho ya ka Singo, ha ona di tshwaro tse etsahetseng.



