BETHLEHEM- Ka Mantaha wa la 5 Phupu 2021 ka hora ya 22:00, Sehlopha sa Tshebetso sa Maponesa sa Welkom Reaction Team se rometswe Bethlehem, moo teng se fumaneng tlhaiso-leseding ka motho eo ho thweng o rekisa dithethefatsi ntlong e itseng Bohlokong, Bethlehem.
Kolonele ya Maponesa eleng Thandi Mbambo, o tsebisitse Kasi Voice News hore ba belaelwa bana ba fumanwe ho se ding sa dintlo, tseo ho thweng e ne ele lehae la dithethefatsi.
“Ntlo eo re tsebisitsweng ka yona e ile ya etelwa ke maponesa a ileng a fumana bahlankana ba bararo ka hara koloi ya di-station ka jareteng sebakeng sa Giyani, Bohlokong, Bethlehem,”
ho tlaleha Mbambo.
“Maponesa a ile a phenyekolla ntlo, mme ba tshwarwa be belaellwa bana ka mora hore ba fumanwe ba ena le dithethefatsi,” Mbambo a e keletsa.
Babelaellwa ba dilemo di 24, 31 le 33 ba fumanwe ba tshwere ka Crystal Meth le Kat.
Lebathoha la maponesa le ile la fetela kamoreng e ka morao, mme monna ya dilemo di 33 o ile a tshwarwa kamora hore le ena a fumanwe a tshwere Crystal Meth.
Babelaelloa ba bane ba tshwere, mme nyeho ya bona etswela pele kajeno, moo teng ba hlahilng ka pele ho lekgotla la Maseterata wa Bohlokong, ka diqoso tsa ho rekisa dithethefatsi.






