Ditho tsa Maponesa Odendaalsrus a nehela ditlhoko ho malapa a fapaneng

Odendaalsrus: Bohato bo hlahelletseng ba ditho tsa Thibelo ya Tlolo ya Molao ya Setjhaba tlasa boetapele ba Colonel Thenjiwe Mkhumbeni, Motsamaisi wa Seteishene sa Odendaalsrus, e bile sethala se setle haholo bakeng sa malapa a hlokang a neng a etetswe morerong o qadileng ka Labohlano mme, wa fela ka Moqebelo wa la 31 Phupu 2021 .

Ka Labohlano la 30 Phupu 2021 ka 11:00, ditho ha mmoho le Mokhanselara Poho Poho, Ikamva Bokamoso Foundation le Community Forum Patroller, ba e tetse malapa a hlokang a dulang tlasa maemo a bohloko K10, moo ba faneng ka diphuthelwana tsa dijo.

Ka morao ho moo yaba ba fetela ntlong e nngwe moo ba ileng ba fumana mme ya dilemo di 31 ya robetseng diphateng, a dulang le bana ba hae ba bahlano mokhukhung o monyane, letsibolo la hae le dikgwedi tse 11, mme o ne a sena di-pampers.  

Ho tloha ka letsohong le letshehadi ho ya ho le letona: Constable Nomathemba Khoza, Sergeant Ketegile Mavuso, Nna. Mamello Mbebe, Manani Ntjanyana, Mong Mbulelo Challs le Mong Tsietsi Matso.

Ditho di ile tsa kenya letsoho hara tsona, mme tsa reka ntho tsa ho hlapa le di-pampers bakeng sa mme le lesea.

Ka mora moo ka Moqebelo, wa la 31 Phupu 2021 ka 12:00 ditho tsa Thibelo ya Tlolo ya Molao sechabeng le Colonel Mkhumbeni hammoho le basebetsi ba Ikamva Bokamoso Foundation ba Mangaung ba ile dikarolong tse fapaneng tsa Kutloanong moo ba ileng ba fana le ho abela bana le batho ba baholo diaparo ho malapa a hlokang.

Molaodi wa Seteishene sa Odendaalsrus, Colonel Mkhumbeni o bontshitse teboho ya hae ho ditho tsa Thibelo ya Tlolo ya Molao sechabeng le basebetsi ba Ikamva Bokamoso Foundation ba faneng ka diphuthelwana tsa dijo le diaparo tse tlisitseng pososelo difahlehong tsa malapa.

Share Kasi Voice News

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Translate »
Verified by MonsterInsights