- Man shot dead outside tavern, girlfriend wounded in suspected hit - July 20, 2025
- Elderly couple murdered in robbery at Angelo informal settlement - June 25, 2025
- Mass shooting in Angelo squatter camp leaves one dead and six injured - October 10, 2024
Sebaka se kgutsitseng sa Reiger Park se porofenseng ya Gauteng, se sisintswe ke polao e bohloko ya moithuti ya dilemo di 18 wa Sehlopha sa 12, sekolong se Phahameng sa Reiger Park.
Polao ya moithuti ona, Teboho Ramosie, e tlisitse tshisinyeho e kgolo setjhabeng.
Ditlaleho tsa ketsahalo ena di hlahile hoseng ha Sontaha se fetileng sa la 12 Motsheanong, moo teng baahi ba ileng ba utlwa modumo wa sethunya se neng se lla se le haufi le tamene.
Ba ne ba sa tsebe hore sethunya sena se ne se tla tshwaya pheletso ya bophelo ba Teboho Ramosie. Ho ya ka dipaki, nako ya sethunya e tsamaellana le ketsahalo eo ho neng ho thunywa mofu Teboho.
Dikgopolo le menyenyetsi di atile ka mora tlokotsi eo, mme ba bang ba fana ka maikutlo a hore Teboho e ka nna ya ba o ne a tobane le sepheo ka mora ho hapa papadi ya di taese ka ha a ne a bapala ditaese le bomphatho ba hae.
Leha ho le jwalo, ba boholong ba lemositse kgahlanong le ho potlakela ho etsa diqeto, ba hatisa tlhokahalo ya hore ho etswe phuputso e tebileng ho senola nnete mralong wa polao ya Teboho.
“Hona jwale, sepheo sa polao ha se tsejwe,” ho boletse mokaptene wa mapolesa porofenseng ya Gauten, Nelda Sekgobela.
Sepolesa se thakgotse dipatlisiso tsa polao, mme se kopa mang kapa mang ya nang le lesedi ho tla thusa ka dipotso tsa bona.
Ho tloha jwale, ha ho motho ya ileng a tshwarwa mabapi le nyewe ena, e leng ho siileng setjhaba se tshwenyehile ka dikarabo le toka bakeng sa Teboho.
Tahlehelo ya Teboho Ramosie e siile lekgalo dipelong tsa lelapa la hae, metswalle, le setjhaba sohle sa Reiger Park.
Lefu la hae le sa lebellwang le hlalositswe e le mohlankana ya kganyang le ya nang le takatso e matla, hape, o ne a tsebahala e le motho ya nang le bokamoso bo tshepisang.
E le ho arabela tlokotsing ena, baeta-pele ba setjhaba le balaoldi ba dibaka ba kopile bonngwe le tshebedisano-mmoho ho tsheetsa dipatlisiso le ho tlisa ba ikarabellang ka toka.
Ditebelo le dihopotso di hlophisitswe ho tlotla mohopolo wa Teboho le ho fana ka matshediso ho ba anngweng ke lefu la hae.
Ha dipatlisiso tsa polao ya Teboho Ramosie di ntse di tswela pele, setjhaba se dula se le bonngowng boikemisetsong ba bona ba ho batla toka le ho netefatsa hore diketso tse jwalo tse se nang kelello tsa pefo ha di dumellwe ho ba teng setjhabeng.

