Sepolesa se letsholong ka mora ho bolawa ha monna le kgarebe ya hae Harrismith

Mohlankana wa mosadi eo setopo sa hae se fumanweng ha hae Tshiamo B, Harrismith, o fumanwe a hlokahetse ka difemeng tsa Harrismith. Sepolesa se fumane ho sena bopaki ba polao nyeweng ya ho hlokahala ha hae.

Mmueli wa Sepolesa, Mmako Mophiring o tlaleha hore ka laboraro, Pherekgong 17, sepolesa se fumane setopo sa monna se senang maqeba se fanyehuwe lekaleng la sefate sebakeng sa tlhahiso Harrismith.

“Setopo seo ke sa mohlankana wa Puseletso Paulina Motsimo (44), eo setopo sa hae se fumanweng ha hae, nyewe ya polao e butswe” ho bolela Mophiring.

Mophiring o re, kgaitsedi ya Motsimo o ile a ya ha hae ka di 15 Pherekgong 2024. Ha a fihla moo o ile a belaela hore hona le ho hong ho phoso ho etsahalang yaba o letsetsa sepolesa.

Sepolesa ha se fihla se ile sa itshohlometsa ka hare mme sa fumana setopo sa hae se rapalletse ka hara letamo la madi.

Setopo sa hae se ruruhileng se ne se bonahala se hlasetswe hampe ebile se siuwe feela.

O ne a dula le mohlankana wa hae, eo a sa kang a fumanwa. Sepolesa se ke ke sa fana ka lesedi ka mohlankana ho fihlela ba habo ba fumaneha.

Nyewe e butswe le diphuputso ntse di tswelapele.

Share Kasi Voice News

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Translate »
Verified by MonsterInsights