- uThando: BQueen’s heartfelt Gospel song with a modern vibe - October 20, 2025
- School access dispute: march movement resists the basic education’s policy stance - October 17, 2025
- Unlocking financial success: The power of knowledge and professional advice - September 30, 2025
Maponesa a Ladybrand le ditho tsa sehlopha sa K9 di ile tsa arabela ka potlako hang-hang ketsa halo ya bonokwane, moo teng ba ileng ba tshwarwa babelaellwa ba babedi, ba neng ba hlometse mme ba e na le thepa ya dintho tse utswitsweng.
Ho ya ka sebuelli sa seponesa Mmako Mophiring, ke tsahalo ena e etsahetse ka la 8 Phupu ka 18:45.
Ho ya ka Mophiring mohwebi wa Letjhaena o ile a tobana le batho ba babedi ba belaellwang ba apereng di-balaclavas le e mong ya neng a nkile sethunya ka lebenkeleng la hae.
“Ba ile ba batla tjhelete mme ba amoha monga mosebetsi le mohiruwa mehala ya bona ya thekeng. Babelaellwa ba ile ba baleha sebakeng seo ka maoto. Ha ho na dikotsi tse tlalehilweng,” ho rialo Mophiring.
Mophiring o tsweletse a re mo mantsibueng a lona letsatsi leo, maponesa a ile a tsebiswa ka ketsahalo eo mme ba bontshwa ditshwantsho tsa video tse ba thusitseng ho tseba babelaellwa ba babedi ba Toropo ya Manyatseng.
Ditho tse ding, ho kenyeletswa le ditho tsa K9 Unit, di ile tsa kengwa tshebetsong, e leng se ileng sa fella ka ho latelwa ka potlako le tshwaro ya motho a le mong.
Ka lebaka la boshodu boo, maponesa a ile a fumana sethunya sa moya, mehala ya thekeng e mmedi, le
tjhelete.
“Mmelaellwa wa bobedi o ntse a matha. Haele mmelaellwa ya dilemo di ka hodimonyana ho 20 o lebelletswe ho hlaha Lekgotleng la Maseterata la Ladybrand ka Labobedi la la 11 Phupu, o tobane le qoso ya boshodu bo hlometseng,” ho rialo Mophiring.
Mookamedi wa Setereke sa Thabo Mofutsanyana, Jan Tsotetsi o thoholetse ho ditho bakeng sa mosebetsi wa bona o babatsehang o lebisitseng ho tshwarweng le ho hlaphohelwa ha thepa ka potlako kaha hoo ho kgutlisa tshepo ho tloha setjhabeng ho ya ho maponesa.




