Banna ba babedi ba Maafrika ba ile ba tshwarwa ka ho utswetsa monga lebenkele le leholo la Joy ka dithunya ka Laboraro la Laboraro wa la 21 Lwetse, horeng tsa hoseng horeng yabo 7:30 am.
Rakgwebo wa modittjhaba o ile a hlaselwa ke banna ba babedi ba ileng ba iketsa e ka ke bareki, mme ba ntsha dithunya, mme ba batla tjhelete ka mahahapa.
Maponesa a tlaleha hore tjhelete e sa bolelwang, disakerete, diselefouno tse pedi – Nokia e ntsho le Huawei e ntsho di utswitswe.
“Babelaellwa ba ile ba baleha ka maoto. Ketsahalo ena e ile ya tlalehwa seteisheneng sa seponesa sa Meloding,” ho hlalosa mmuelli wa seponesa mokaptene Stephen Thakeng.
“Boitshwaro bo potlakileng ba ditho tsa SAPS bo ile ba etsa hore babelaellwa ba babedi ba dilemo di 28 le 29 ba tshwarwe karolong ya Calabria ka thepa, ba utsweditswe tjhelete sebakeng sa kgwebo.
“Ho ile ha fumanwa dithunya tse pedi tsa dipapadi ho bona,” ho eketsa Thakeng.
Babelaelloa bana ba babedi ba tlilo hlaha Lekhotleng la Maseterata la Virginia, ka Mantaha wa la 26 Lwetse.



