Ma-Nigeria a mabedi a tshwerwe ka dithethefatsi Welkom CBD

Batho ba babedi ho tlalehang ele baahi ba kantle ba tshwerwe ka dithetefatsi Welkom ka la mantaha wa la 12 Lwetse, ke ditho tsa maponesa tse tse jwang ka Welkom Public Order Policing.

Sena se tlile ka mora hore maponesa a ke ne lepetjong la bona la ho tsomana le batho ba sebetsang ka dithetefatsi motseng wa Welkom.

Ho ya ka mmuelli wa seponesa seterekeng sa Lejweleputswa, mokaptene Stephen Thakeng, maponesa a ne a phathahane ho latela dintlha tse mabapi le dithethefatsi tse neng di rekiswa Welkom CBD.

“Ba ile ba bona metsamao e belaetsang haufi le e nngwe ya poleke eo ho jellwang ho yona.

“Monna eo eleng moahi wa Nigeria, o ile a latelwa ho fihlela a kwallwa hukung haufi le seteishene sa peterole, a se a sentse dithethefatsi tseo a neng a tlile le tsona mme a isa ditho ho motho ya mo rekiseditseng dithethefatsi,” ho tlaleha Thakeng.

Baahi ba babedi ba naheng ya Nigeria, ba ile ba fumanwa sebakeng se tummeng hampe le se atisang.

“Ho ile ha kōptjwa tumello ya ho phenyokolla sebaka seo, mme dithethefatsi di ile tsa fumanwa di patilwe,” Thakeng wa hlalosa.

Monna ya dilemo di 44 o ile a fumanwa a e-na le dithethefatsi tse 31 tsa Rock, dipokothwana tse tharo tsa dithetefatsi tsa Crystal Meth le tjhelete e ka etsang R530.

Motho wa bobedi ea belaellwang, ya dilemo di 33 o ile a fumanwa a e-na le dipokothwana tse 14 tsa dithetefatsi tsa Crystal Meth tse boima ba digrama tse nne.

Babelaellwa ka bobedi ba ile ba tshwarwa mme haufinyane ba tla hlaha Lekgotleng la Maseterata wa Welkom.

Share Kasi Voice News

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Translate »
Verified by MonsterInsights