Monna ya dilemo di 31 o hlahile Lekgotleng la Maseterata la Virginia, mme nyewe kgahlano le ena, e tjhetjhisitswe morao bakeng sa kopo ya beile, kamora hore a tshwarwe ka Mantaha wa la 19 Lwetse horeng ya bo hlano (17:00).
Maobane, 22 Lwetse, mmelaellwa ya tsebahalang ele, Godfrey Sello None, o hlahile ka pele ho lekgotla la dinyewe moo teng, nyewe ya ho kwetela le boshodu, e ile ya tjhetjhiswa morao ho fihlela wa la 29 Lwetse bakeng sa kopo ya beile.
Ka ona motsotso, mmelaellwa o dutsi ditlamong tsa seponesa.
Mosadi ya dilemo di 25 o re o ne a e-na le kgaitsedi ya hae le ngwana wa hae wa moshanyana ya nang le selemo lapeng la bona Meloding, ha mohlankana wa hae wa kgale a fihla a batla ho kena ka tlung.
“O ile a kgona ho notlela lemati hore a se ke a kena ka tlung, mme monna enwa, o ile a sebedisa ntho e sa tsejweng ho roba lemati hore a kene ka tlung,” ho hlalosa mmuelli wa seponesa mokaptene Stephen Thakeng.
“O ile a qala ho rohaka mosadi eo le ho mo tshosa ka hore o tla mo bolaya.
“Ka mora moo, monna eo o ile a nka ngwana wa moshanyana yaba wa tsamaya.
“Ketsahalo ena e ile ya tlalehwa hanghang ho ditho tsa maponesa a Meloding,” Thakeng wa eketsa.
Ho hlaloswa sehlopha se sebetsang tlasa taelo ya mokaptene Ben Strydom se ile sa thehwa ho latela mmelaellwa.
“Ho ile ha etelwa beng ka eena ba mmalwa le metswalle e belaellwang, dipotso tsa etswa hohle ho Meloding empa mmelaellwa ha a ka a fumanwa,” Thakeng wa tlaleha.
Nyewe e ile ya abelwa leponesa la difuputso Palesa Mololo ya ileng a sebetsa bosiu le motshehare ho batlana le motshepetsi le ngwana.
“O ile a tshwarwa hamorao hona letsatsing leo, mme a fumanwa a e-na le ngwana, ya ileng a nkwa a iswa ho mmae,” Thakeng wa eketsa.
Mokomishinara wa setereke sa Lejweleputswa ya ka sehloohong, Lerato Molale, o thoholetse mofuputsi Mololo ho sebetsa bosiu le motsheare ho batlana le motho ya ileng a kwetela ngwana ho fihlela a etsa bonnete ba hore wa tshwarwa mme ngwana o fumanwa a ntse a phela.
“Re motlotlo ka setho sena se senyane mme re tswela pele ka mosebetsi o motle,” ho hlalosa Molale.






