- SIU e fuwa matla a ho fuputsa diqoso masepaleng wa Moqhaka - April 13, 2024
- COPE gun for Mapisa-Nqakula resignationafter R2.3m bribe scandal - March 19, 2024
- SIU recovers close to R1bn in unallocated NSFAS funds from tertiary institutions - March 13, 2024
Moqosuwa ya dilemo di 22 o hlahellese ka pela lekgotla la dinyewe Viljoenskroon hoya emela qoso ya peto.
Ho tlalehwa ha ketsahalo ena ya peto e etsahetse ka Moqebelo, wa a 13 Phato boahisaneng ba Rammulotsi.
Mmuelli wa seponesa seterekeng sa Fezile Dabi, sajene Josephine Rani, o boletse hore lehlatsipa la dilemo di 14 le ne le ena le metswalle ya lona mme ba etela ntlo moo baileng ba kopana le banna ba babedi.
Ho fihleng ha bona, moqosuwa o ile a tsamaya le ngwanana ya dilemo di 14, mme ba ya ha moqosuwa moo moqosuwa a ileng a mo betela teng.
“Ditlaleho tse ding di bolela hore mmelaellwa le lehlatsipa bane ba le dikamahanong tsa marato,” ho tsebisa Rani.
Nyewe ya peto e ile ya bulwa mme mmelaellwa a tshwarwa hang-hang.
Lekgotla la dinyewe la magistrata wa Viljoenskroon le tjhetjhisitse nyewe ho fihlella Mantaha, ka la 22 Phato moo moqusuwa a tla lo kopa beili.






