Babelaelwa ba 4 batlo hlaha lekgotleng ka mora ho utswa lebenkeleng

Babelaelwa ba bane ba lebelletswe ho hlaha ka pela Lekgotla la Mmaseterata la Hoopstad ka Labohlano la la 29 Phupu ka mora ho utswa lebenkeleng.

Mmueli wa seponesa seterekeng sa Lejweleputswa, mokaptene Stephen Thakeng o re ketsahalo eo e etsahetse ka nako ya mantsiboya Laboraro la la 20 Phupu, moo babelaellwa ba babedi ba ileng ba kena sebakeng sa kgwebo.

“Ba utswitse tjhelete e sa bolelwang ka hara bukana ya tjhelete [ho fihlela] mme [monga hae] a laelwa ho ya kamoreng ya ho robala.

“Ho ne ho se ho ntse ho ena le banna ba bang ba babedi ba Maafrika ba tshwereng dithunya ba supile monna wa hae ka dithunya.

“Hoa bonahala hore dithunya tsena di ne di na le betjhe ya maponesa,” ho rialo Thakeng.

Babelaelwa bana ba boetse ba nkile dintho tse kang motjhini wa moya wa nako, sepatjhe, diselefounu le tjhelete.

Babelaelwa ba ile baleha sebakeng seo ka mora moo, empa monna a ba sala morao mme a ba bona ba kganna ho ya Bothaville direction with white Volkswagen Polo.

Ka hona, maponesa a Bloemhof a ile a hlokomediswa ka ketsahalo ena mme a nka kgato kapele.

“Koloi e ile ya bonwa mme ba latelwa ba ba ba kwallwa hukung yaba ba qala ho thunya maponesa mme maponesa a iphetetsa.

Ha ho motho ea ileng a tswa dikotsi. “Koloi e ile ya emisoa ka mora moo mme mokganni ya dilemo di 42 a mathela dihlahla tsa Sandveld. O ile a fumanwa pela koloi ya hae mme a tshwarwa,” ho tlatsa Thakeng.

Babelaelwa ba bang ba bararo le bona ba ile ba tshwarwa ka mora dipatlisiso tse batsi mme ba fumanwa ka diselefounu tse pedi.

Share Kasi Voice News

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Translate »
Verified by MonsterInsights