Maponesa a tsoma dinokwane tse pedi ho latela boshodu Bloemfontein

Setsi sa Walk Centre se Langehovernpark, Bloemfontein, e bile sebaka sa boshodu ka la 27 Phupu, moo teng mashodu a hlometseng a ileng a kena sebakeng sa kgwebo, mme a baleha ka thepa le tjhelete e sa bolelwang.

Maponesa a Bainsvlei a se a qadile letsholo la ho tsoma ba belaelwang ka botlokotsebe bona.

Ho ya ka mmuelli wa seponesa sa Mangaung, Thabo Covane, mookamedi wa lebenkele ya dilemo di 33 o tlaleha hore banna ba babedi ba MaAfrika ba ile ba kena ka lebenkeleng ba iketsa eka ke bareki.

Hang-hang banna bana ba ile ba ntsha dithunya mme ba ya ho bo-ra-tjhelete ba bane, ba ba laela hore ba kene ka ofising ya baqosi.

“Babelaelwa bana, ba utswitse mefuta e fapaneng ya mehala le tjhelete e sa bolelwang,” Covaneo o a hlalosa.

Ho feta moo, banna ba sa tsejweng ba ile ba baleha sebakeng sa ketsahalo ka koloi e tshweu ya Renault Cli, HRT 558 FS.

Hang ka mora hore banna bao ba tsamaye, maponesa a ile a bitswa sebakeng seo.

“Nyewe ya boshodu ba kgwebo e ngodisitswe bakeng sa dipatlisiso tse ding,” Covane wa tsebisa.

Mang kapa mang ya nang le tlhahisodeseding e ka lebisang ho tshwarweng ha mashodu ana a hlometseng, a ka iteanya le mokaptene Thapelo Motseki ho 082 466 8405.

Ho seng jwalo, lesedi le ka romelwa ho MySAPS App kapa nomorong ya seponesa ya ho tlaleha botlokotsebe ho 08600 10111.

Share Kasi Voice News

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Translate »
Verified by MonsterInsights