- SIU e fuwa matla a ho fuputsa diqoso masepaleng wa Moqhaka - April 13, 2024
- COPE gun for Mapisa-Nqakula resignationafter R2.3m bribe scandal - March 19, 2024
- SIU recovers close to R1bn in unallocated NSFAS funds from tertiary institutions - March 13, 2024
Ditho tsa Welkom Partnership Policing di hlophisitse tlhokomediso ya botlokotsebe ba marang-rang boahelaning ba Riebeeckstad, Bedelia le ka hara toropo ya Welkom maobane kala 20 Phupu.
Mmuelli wa seponesa seterekeng sa Lejweleputswa, mokaptene Stephen Thakeng, o boletse hore sajene Lucky Lesupi, sajene Sharon Majikela le leponesa Meitjie Jacobs ke ditho tse neng di hlophisitse tlhokomediso ena.
“Maponesa a na a fanne ka dipampitshana tse nang le malebela a botlokotsebe ba marang-rang ho bakganni, barekisi, bareki ka mabenkelelng, baahi dibakeng tsa boahelani,” ho tsebisa Thakeng.
Morero wa tlhokomediso ena ene ele ho lemosa bareki basa belaelleng botlokotsebe haba reka dintho marang-rang.
“Boholo ba batlodi bana ba molao bo iketsa e kare bo rekisa dikarolo tsa dikiloi le diteraka,” ho tsebisa Thakeng.
Se etsahalang ke hore mahlasipa a qhekanyetswa ho patala tjhelete ya bona empa dikarolo di sa fumanehe hotswa ho baqhekanyetsi.
Seponesa se kopile hore mang kapa mang ya ka belaellang botlokotsebe bona a tsebise seponesa hang hang dinomorong tsa tshohanyetso tsa 0860010111. Sena se ka thusa seponesa ka ho etsa bonnete ba hore ditlokotsebe di a tshwarwa.
Tlhokomediso ena e tlile ka mora tlaleho tsa dinyewe tsa botlokotsebe ba marang-rang seponeseng.






