Letsholo le tswela pele ho fumana mosadi wa dilemo di 45

Letsholo la ho fumana Puleng Senatsi le ntse le tswela pele ho batlana le mosadi wa dilemo di 45, ya qetetsweng ho bonwa ka la 30 Hlakubele.

Mmueli wa seponesa Lejweleputswa, mokapotene Stephen Thakeng o re faele ya motho ya lahlehileng e ile ya bulwa kamora hore rakhadi wa hae a tlalehe hore mohiri wa Puleng o re ha a eso itlalehe ho mosebeletsi wa hae wa malapeng Welkom.

“Puleng o tlohile Orkney ka Leboya Bophirima ho tla itlaleha mosebetsing Welkom e le mosebeletsi wa malapeng. Beng ka eena ba lekile ho mo batla empa ba sitwa ho fihlela ba nka qeto ya ho tlaleha hore o nyametse seponeseng sa Welkom,” ho rialo Thakeng.

Thakeng o hlalositse hore Puleng ke motho ya motshwana mmala, moriri o mokgutshwane, bolelele ba hae e ka ba 1,6m, sebopeho sa mmele o mahareng le letshwao le tjheleng letsohong la hae le letshehadi.

Thakeng ore diaparo tseo Puleng, a neng a di apere letsatsing la ho nyamela ha di tsejwe.

Motho mang kapa mang ya nang le tlhahiso leseding ho fumana Puleng Senatsi a ka ikopanya le lefokisi sajene Malebo Mahlatsi ho 072 229 1034 kapa a ka ikopanya le nomoro ya tshohanyetso ya seponesa 08600 10111,” ho phethela Thakeng.

Share Kasi Voice News

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Translate »
Verified by MonsterInsights