Seponesa se batlana le babelaellwa ba amehang polaong ya banyalani

Seponesa sa setereke sa Lejweleputswa se kopa thuso ka ho fumana babelaellwa ba a amehang polaong ya baratani e etsahetseng ka Labone motsheare, wa la 7 Phupu.

Ka letsatsi la ketsahalo ena, seponesa se ile sa fumana ditaba tsa ketsahalo ya ho thunya tseleng ya R64 pakeng tsa Dealesville le Boshof.

Mmuelli wa seponesa wa nakwana seterekeng sa Lejweleputswa, sajene Sinah Mpakane, o boletse hore seponesa se fumane koloi e tshweu ya moetso wa Renault (Triber) e emisitse ka thoko ho tsela e hlaha Dealesville e ya Boshof.

“Batho ba babedi, ba ileng ba tsebisahala ele Lucas Moleme (52) le molekane wa hae, Lyntjie Moleme (50) ba fumanwe ba bolauwe,” ho tsebisa Mpakane.

Lehlatsipa la monna lene le paqame pela koloi ha lehlatsipa la mosadi le fumanwe lentse le dutse ka koloing.

Banyalani bana, bane bana le maqeba hlohong bale babedi.

Koloi ya bona ene e ntse e duma, ebile esa senyeha. Seponesa se fumane dikgetla tse nne tsa dikulo ketsahalong ena.
 
Diphuputso di hlahisitse hore, mahlatsipa a ne a dula Boshof ale mabedi ebile ele beng ba sebaka sa polokelo ya bafu.

Lebaka la dipolao ha leso tsebisahale, mme ho fihla jwale ha hona motho a tshwerweng mabapi le dipolao tsena.

Mang kapa mang ya nang le ditaba tse ka thusang ho tshwareng ha babelaellwa ba na o koptjwa ho letsetsa leponesa le ntseng le etsa dipatlisiso nyeweng ena eleng, lefokisi Nel wa mafokisi a Thabong dinomorong tsa 0828068432.

Share Kasi Voice News

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Translate »
Verified by MonsterInsights