Seponesa se tsoma babelaelwa ba melata mabapi le boshodu ba koporo

Sehlopha sa melata se dipatlisisong tsa seponesa sa Welkom, ka mora ho utswa koporo seteisheneng se senyane sa Eskom se boahisaneng ba Riebeeckstad, Welkom, ka mantaha, 25 Phupu.

Mmuelli wa seponesa seterekeng sa Lejweleputswa, mokaptene Stephen Thakeng, o boletse hore seponesa se ne se etsa mosebetsi wa sona wa boiponahatso hane se fumana ditaba tsa boshodu ba koporo.

“Ho fihleng ha bona sebakeng se boletsweng, maponesa a kopane le balebedi ba sebaka. Balebedi bana, ba tsebisitse seponesa ka sehlopa sa melata se neng se baleha,” ho rialoThakeng.

Seponesa se ile sa latella meepa e entsweng ke sehlopha hane ba ja fatshe.

Ho tswelleng ha maponesa ana, ba ile ba utlwa batho ba hweletsa ba kopa thuso.

Ho fumanehile hore batho bao ene ele balebedi ba bang ba babedi ba paqamisitswe fatshe ebile ba tlanngwe ka marapo a dieta, mme seponesa sa ba pholosa.

Ka dipatlisiso tsa pele, balebedi ba bolelletse seponesa hore bane ba katile seteishene sena se senyane.

Balebedi bare babelaelwa bana, ba ile ba ba ntshetsa ka ntle difateng, mme ba ba fasa matsoho le maoto.

“Balebedi ba tsebisitse seponesa hore babelaelwa bana, bane ba pou ya Lesotho,” Thakeng wa hlalosa.

Ha maponesa a ntsa botsa dipotso, balebedi ba dumetse hore ba utlwile sakga e kgaola dithapo tse kabang botelele ba dimithara tse 40.

Hona, ho o ile ha emisa hang-hang ha babelaelwa ba lemoha mabone a koloi ya seponesa, mme ba baleha.

“Mang-kapa-mang ya kabang le ditaba tse ka thusang ho fumana babelaellwa o kopuwa ho tsebisa lefokisi Elliot Khutsoane hotswa ho dithuso tsa mafokisi a Welkom dinomorong tsa 0839401743. Mokgwa o mong e kaba wa ho tsebisa seponesa dinomorong tsa 08600 10111,” ho hlalosa Thakeng.

Share Kasi Voice News

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Translate »
Verified by MonsterInsights