Maponesa a Thabong a tsebahalang ka Public Order Policing (POP), a tshwere babelaelwa ba bararo ka dinako tse fapaneng.
Mmuelli wa seponesa seterekeng sa Lejweleputswa, mokaptene Stephen Thakeng, o hlalosa hore maponesa a ne a phathahane ka mosebetsi wa bona o matla wa tlhatlhobo moo teng ba ileng ba etela morekisi ya tsebahalang wa dithethefatsi seterateng sa Khabanyane, motseng wa Thabong.
Ha ba fihla, ba ile ba fumana monna ya neng a ntse a bala dithethefatsi le tjhelete.
“Monna ya dilemo di 36 o ile a tshwarwa ka ho ba le dithethefatsi tsa Mandrax le tjhelete e ka etsang R270,” ho rialo Thakeng.
Ha-mamorao, ditho tsa maponesa di no le Hoopstad moo teng ba neng ba sebetsana le crowd management, mme, ka ho panya ha leihlo, di ile tsa fumana mohala ka ketso ya boshodu.
Ho ya ka Thakeng, maponesa a ile a tsebiswa hore monna ya lilemo li 27 o ile a kwetelwa, mme a hlaselwa le ho lahlelwa ka metsing ke babelaellwa ba babedi e le mokgwa wa ho iphetetsa ho motswalle wa bona ya ileng a hlajwa ke lehlatsipa ketsahalong e fapaneng.
“Mohlaseduwa le baqosuwa ba hae ba babedi ba qoswa ka teko ya polao mme babelaellwa ba bang ba babedi ba tobane le ho kwetela monna enwa,” Thakeng wa hlalosa.
Babelaellwa ba dilemo tse pakeng tsa 21 le 27 ba tshwerwe mme ba tla hlaha haufinyane Lekgotleng la Maseterata la Welkom.
E mong wa babelaellwa, o robaditswe sepetlele ho fumana kalafo tlasa tshireletso ya seponesa.
Mokomishinara wa Setereke wa Lejweleputswa, Lerato Molale o thoholeditse ditho tsena tsa maponesa ka mosebetsi o motle o entsweng ho netefatsa hore batlodi ba ditlolo tsa molao ba a qoswa ho tobana le matla a molao.







