Maponesa a batlana le monna ya nyametseng ya dilemo di 82

Mohato wa ho fumana monna-moholo ya lahlehileng o tswela pele ka mora hore, Shoti Paul Moeti ya dilemo di 82, a timele ka Moqebelo wa la 23 Phupu motseng wa Henneman.

Mmueli wa seponesa sa Lejweleputswa, mokaptene Stephen Thakeng o re, Moeti o ile a timela
ka mora ho ya lepatong.

“Ho ya ka mong ka yena, o ile a ya lepatong ka Moqebelo wa la 23 July, mme ha aa ka a hlola a kgutlela hae.

Thakeng o re ba leloko ba ile ba qala ho sheba dibaka tseo a tlwaetseng ho etela ho tsona ho tloha Moqebelo le Sontaha, mme ka mora hore ba hlolehe letsholong la bona ba e ile ba tlaleha monna-moholo a nyametseng maponeseng.

“Ka nako eo Moeti o ile a ngodiswa e le motho ya lahlehileng seponeseng sa Henneman,” ho rialo Thakeng.

Thakeng o re, Moeti o qetetse ho bonwa a apere seaparo sa motjhini o moputswa le lamba ya khaki.

“Mang kapa mang ya tsebang moo monna-moholo eo a leng teng, o koptjwa ho letsetsa nomoro tsena 071 750 2029 kapa 082 466 7940,” ho phethela Thakeng.

Maponesa a kopa thuso ho fumana Shoti Paul Moeti.
Share Kasi Voice News

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Translate »
Verified by MonsterInsights