- Vivian Khumalo (67) o batla beng ka eena, mosadi le bana ba hae - November 27, 2023
- Search for a missing man is ongoing in Liebenbergsvlei River - November 26, 2023
- Maponesa, Safer South Africa Foundation, le mekga ba kgothalletsa baithuti ho ba baahi ba bolokang molao - November 26, 2023
Monna ya dilemo di 30 o lebelletswe ho hlaha ka pela lekgotla la mmaseterata wa Senekal kajeno, ka lebaka la qoso ya ho tjhesa mokhukhu wa kgarebe ya hae wa mehleng kamora qabang e bileng teng tameneng.
Sebuelli sa seponesa sa Foreistata, Mmako Mophiring, o re mosadi (33) wa mokgahlelo wa Tambo Matwabeng, haufi le Senekal, o qosa hore o ile a tloha mokhukhung wa hae yaba o ya tameneng ya moo ka 17:20, moo a ileng a nwa dino tse seng kae ka Moqebelo wa la 8 Phupu 2023.
Hoba a fihle tameneng, o ile a qabana le mohlankana wa hae wa mehleng ya ileng a mo tshosa ka hore o tla mo hlaba ka botlolo ya biri e pshatlehileng.
“Dihoreng tsa hoseng tsa Sontaha, lehlatsipa le ne le robetse ha ausi’ae ha mohlankana wa hae wa kgale a mo letsetsa ho mo jwetsa hore mokhukhu wa hae watjha. Mmelaelwa o ile a latelwa mme a tshwarwa,” ho rialo Mophiring.
RE YA LEBOHA KA TSIBISO ENA YA MOTSENG WA SENEKAL