Baratani ba tshwerwe ka dinyewe tse pedi tsa boshodu bo hlometseng Thabong

Baratani ba babedi ba ile ba tswarwa ka lebaka la ho utswetsa mosadi e mong selefouno, moo teng ba ileng ba mo supa ka sethunya.

Ketsahalong e nngwe, mosebeletsi wa morafo le ena o ile a amohuwa selefouno, sepatjhe, tjhelete, karete ya morafo le dikarete tse ding tsa hae, ho hlalosa mokaptene Stephen Thakeng, wa setereke sa maponesa sa Lejweleputswa.

Thakeng o tlaleha hore, mapolesa a ile a fumana diselefounu tse nne le sethunya sa ho bapala sa tshepe ha ba ne ba tshwarwa babelaellwa bana.

“Baratani bao ba ile ba qoswa, mme ba ile ba hlaha Lekgotleng la Maseterata la Welkom maobane, 21 Mphalane,” ho rialo Thakeng.

“Ka la 19 Mphalane hoo e ka bang ka 17:10 mosadi ya dilemo di 26 o ne a lebile setsing sa mabenkele sa Jan Cilliers Park. Ha a batla ho tshela mmila, koloi ya Hyundai Getz e tshehla e ile ya ema pela hae mme mopalami wa mosadi a mo kopa tsela e lebang Jan Hofmeyer Road.

“Eitse ha a le mothating wa ho fana ka ditaelo, mosadi eo o ile a utlwa sethunya se kokongwa.

“Mmelaellwa wa mosadi o ile a batla mohala wa hae wa selefouno, mmelaedi o ile a mo fa selefouno kaha a ne a tshaba hore mosadi eo o tla mo thunya. Basenyi ba ile ba baleha,” ho rialo Thakeng.

Baratani bao ba amahanngwa le ketsahalo e etsahetseng ka la 17 Mphalane bosiu Thabong, moo mosebeletsi wa morafo ya dilemo di 35 a ileng a utswetswa dintho tsa hae.

Dinyewe tse pedi tsa boshodu ba di ntse di fuputswa ke sajene Pitso Matsie wa lekgotla la Welkom Serious and Violent Crimes.

Share Kasi Voice News

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Translate »
Verified by MonsterInsights