Maponesa a Foreisetata a tswile letsholo la ho tsoma babelaellwa ba babedi ba banna ho latela boshodu bo hlometseng bo lebisitseng lefung la moithuti wa Yunibesithi e Bohareng ya Thekenoloji (CUT), Foreisetata, Mangaung.
Hoya ka Mmuelli wa seponesa seterekeng sa Thabo Mofutsanyana District, Thabo Covane, o re ka Moqebelo wa la 19 Pudungwana, moithuti ya dilemo di 23 wa Yunibesithi ya CUT le paki ya mosadi ya dilemo di 20 ba ne ba tloha lebenkeleng la lehae hoo e ka bang ka 22:30 ba ile ba hlaseloa ke babelaellwa hukung ya John Knox le Calvyn Streets Universitas.
“Baithuti bana ka bobedi ba tswa Qonce, e tsejwang hape e le King William’s Town, Kapa Botjhabela.
“Mofu Siyawandisa Ruda (23) e ne e le moithuti Sekolong se Phahameng sa De Vos Malan. Kharebe ya hae e lakatsa ho dula e sa tsejwe,” ho rialo Covane.
Covane o re paki e ile ya tsebisa maponesa hore ba ile ba qala ho bona koloi e tshweu, ya kgale ya Mercedes Benz e nang le batho ba ka hare, ha e ntse e tsamaya e lebile seterateng sa John Knox.
“Yaba ka tshohanyetso ba hlaselwa ke banna ba babedi,” ho tlalehile paki.
Covane o re e mong wa ditlokotsebe o ile a hlasela paki mme a mo amoha laptop ya Hewlett Packard le mokotla wa ntlwana, ha e mong a ie a latela motswalle wa monna ya dilemo di 23.
Ho ya ka Covane, maponesa le baoki ba diphallelo ba ile ba fihla sebakeng seo mme motho ya hlokofaditsweng a potlakisetswa sepetlele, moo ho ileng ha bolelwa hore o hlokahetse ha a fihla.





