Maponesa a batlana le babelaellwa kamora hore setopo sa monna se fumanwe se e-na le maqeba a sethunya

Maponesa a Welkom a tswile letsholo kamora hore setopo sa motho wa monna se fumanwe ka Sontaha sa la 17 Lwetse 2023 hoo e ka bang ka nako ya 11:00.

Ho ya ka maponesa ketsahalo ena e etsahetse letsatsing leo le mahlonoko ha ba ne ba lemoswa ka setopo.

“Setopo se ile sa fumanwa haufi le sefate sebakeng sa kgale sa Long Road, Industrial a tlamilwe matsoho ka bobedi le leqeba la sethunya ka lehlakoreng le letshehadi la hlooho. Mofu o ne a apere borikgoe bo botala bo botala, baki e sootho le digumboots tse ntsho,” ho rialo Mmuelli wa saponesa sa Lejweleputswa, Stephen Thakeng.

Mofu ke Motsamai Paulos Mathabela eo e leng moahi wa naha ya Lesotho.

Thakeng o tlaleha hore sepheo sa polao ha se tsejwe mme maponesa a ntse a batla babelaellwa.

Ha mang kapa mang a ka ba le lesedi mabapi le ketsahalo ena kapa moo babelaellwa ba leng teng, o koptjwa ho letsetsa ya maponesa ho 08600 10111.

Share Kasi Voice News

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Translate »
Verified by MonsterInsights