Maponesa a ntse a batlana le thuso ka ho fumantshwa ba leloko la molebedi ya ileng a fumanwa a hlokahetse, ho ho tlalehwang eka o bolailwe.
Ho ya ka mmuelli wa seponesa seterekeng sa Lejweleputswa, Stephen Thakeng, monna enwa ya bolailweng ka sehlooho otla le hwa ele moahi wa Eastern Cape, mme maponesa a tswile letsholo ho ka hlaisa ba ha habo leseding.
“Basebetsi ba Welkom Forensic Pathology Services ba ile ba bitswa sebakeng sa kgwebo se tseleng ya Constantia, Thabong mabapi le monna ya ileng a hlokahala,” ho rialo Thakeng.
Ha ba fihla, setopo se ile sa fumanoa ka la 20 Pherekhong 2023 hoo e ka bang ka 10:30 eo e neng e le monna-moholo ya neng a ka ba dilemo di 59. Ho bonahala beng ka bona ba tsoa Eastern Cape.
Setopo se robetse ntlong ya bafu mme ho fihlela jwale ha ho motho ya hlahileng ho tla tseka mofu.
“Re ipiletsa ho beng ka mofu ho tla tseka mofu ho Welkom Forensic Pathology Services le ho kopana le Monghadi Tshepo Masekwa nomorong ya mohala ya 078 7488 714 kapa nomorong e nngwe ya selefounu 083 449 4532,” ho tlaleha Thakeng.






