MEC ya thuto Foreistata Tate Makgoe o hlokahetse kotsing ya koloi hoseng wa kajeno.
Sena se pakilwe ke ofisi ya Tonakgolo moo teng se netefaditseng lefu la Makgoe le molebedi wa hae.
Mmuelli wa Tonakgolo Sello Dithebe o re, basebeletsi ba tshohanyetso ba ile ba arabela ketsahalong e itseng, mme ha ba fihla moo, ba fumana koloi e nyenyane e thulane le dikgomo tse pedi.
“Ba ile ba sebedisa mehlahare ya bophelo ho fumana batho ba bararo ba neng ba qabeletsoe ka hara koloi. Ba babedi ba bolailwe kotsing ya koloi N1 kantle ho Winburg dihoreng tsa hoseng tsa Sontaha,” ho rialo Dithebe.
Makgoe le mosireletsi ba ile ba phatlalatswa ba hlokahetse sebakeng seo. Mokganni wa koloi o ile a tswa dikotsi tse itekanetseng yaba o iswa sepetlele sa Winburg.
Makgoe e ne e le e mong wa ditho tsa nako e telele tsa Komiti ya Phethahatso hape e le setho sa lekgotla la ketsamolao la profense ya Foreistata.



