Seponesa se batlana le ba leloko la motho ya tjhaisitsweng ke koloi

Seponesa sa Welkom se ipeletsa ho setjhaba ho thusa ho fumana ba leloko la monna ya sa tsejweng ya dilemong tse kaba 60 ya fumanweng tseleng ya Koppie Alleen pela seterata sa Craib, boahisaneng ba Riebeeckstad mantsibuya a Labone la Phupjane 9.

Hoya ka mmuelli wa seponesa seterekeng sa Lejweleputswa, mokapotene Stephen Thakeng, o tlalehwa ha monna enwa a ne a leka ho feta tseleng ha a tla thulwa ke koloi mme a tsebiswa a hlokahetse ke setho sa Emergency Medical Services.

Monna enwa wa mo-Afrika o motsho ka mmala wa letlalo, o na le mmele o mahareng, ebile o na le ditedu marameng le seledung.

Lehlatsipa lene le apere borikgwe bo botsho ka dieta tse sotho. Ka hodimo o ne a apere jeresi e sotho ka baki e scotch.

“Ha ho soka ho tsebisahala hore monna enwa ke mang, mme o ntse a le setsing sa bafu sa mmuso sa Welkom,” ho tsebisa Thakeng.

Mang-kapa-mang ya kabang le ditaba ka monna enwa o kopuwa hore a tsebise seponesa hang-hang ka ho founela lefokisi sajene Tsie Matlokotsi dinomorong tsa 078 758 5658.

“Setjhaba seka tsebisa seponesa diomorong tsa seponesa tsa tshohanyetso tsa 08600 10111,” Thakeng wa qetella.

Share Kasi Voice News

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Translate »
Verified by MonsterInsights