‘Still I Rise Foundation’ e keteka bophelo ba batho ba phelang ka bokowa

Still I Rise foundation‘ e leng mokgatlo wa batho ba phelang ka bokowa   o kopanya matsoho le lefapha  la bophelo bo botle, lefapha la dipalangwang le lefapha la thuto ho etsa mokete wa batho ba phelang le bokowa ka mokgwa wa ho tsamaela monate ka la 31 Mmesa 2024 Phuthaditjhaba , Qwaqwa.

Mothehi wa mokgatlo wa ‘Still I Rise foundation’, e leng Charmaine Thaele o hlalosa hore sepheo sa moketse ona wa ho tsamaela monate ke ho hlokomedisa setjhaba ka batho  ba phelang ka bokowa bo fapaneng le ho ba ruta ka maemo a bona a bophelo hammoho le ho keteka bophelo ba bona.

Mokete ona o qadile ka hora ya leshome (10:00 am) hoseng pakeng ya Phuthaditjhaba moo batho bohle ba qadileng ho tsamaela monate teng hoya fihla Freedoom Square moo teng ho ileng ha eba le mesebetsi  e fapaneng hammoho le ho ikwetlisa  ho neng ho etelletswe pele ke Asante Fitness Lifestyle.

Jouse Nhlapho, ya dulang motse wa Masaleng o re ha se motho ya hlahileng le bokowa empa o bile madimabe bonyaneng ba hae o ile a hlabuwa sebeiti sa diente tsa bana ka tsela e sa nepahalang  mme ke moo a qadileng hoba le lower limb discrepancy.

“Ke kopane le diphephetso tse ngata ho holeng ha ka le sekolo ke ne ke sa tshwaruwe hantle ke a mang a matitjhere hoo mme wa ka a ileng a tlameha ho nkisa sekolong se seng moo  ke ile ka ithuta ha monate mme  ka kgona ho qeta sekolo le ho ithuta e meng ya mesebetsi ya matsoho,” ho rialo Nhlapho.

O tswela pele ka hore o tla dula a emela batho ba phelang le bokowa  hore ba se ke ba tshwarwa hampe hobane le bona  entse ele batho  ha se diphoofolo.

Hara bamemuwa ho ne ho le teng Mr Vilakazi ho tswa ho Disability Sports, Mohau Youth  Council , New Eye For All, Lesedi Educational  Centre, Zakhele le setjhaba ka kakaretso .Mokete ona o tsheheditswe ke Dr Mohale,  Maluti Bus Services, Thusanang Funeral Services, Qwaqwa Community Radio Station.

Mokete o ile wa fela hantle ka mora mesebetsi e fapaneng e ileng ya etswa.

Share Kasi Voice News

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Translate »