Lesedi Educational Centre e keteka kgwedi ya Autism ka Thabo le motlotlo

Lesedi Educational Centre, sekolong sa bana ba phelang ka bokowa se ne se keteka kgwedi ya Autism le bana le batswadi hammoho le setjhaba ka kakaretso ka la 19 Mmesa 2024 sekolong sa Diphakweng, Qwaqwa.

Sepheo sa mokete ona e ne e le ho keteka bophelo ba bana ba nang le Autism le ho ba bontsha lerato kgweding ena ya bona ya Bohlokwa ya Mmesa.

Hara bamemuwa ho ne ho le teng Moruti Ntjhabeng, Mme Mothapo, Mme Tjhobolo, Mme Charmaine, Mme Matshidiso, Dr Monareng le Dr Lakaje ho tswa sepetleleng sa Manapo.

Mme Mofokeng o ile a fana ka nalane ya Lesedi Educational Centre. “Lesedi Educational Centre e qadile selemong sa 2020 e thehwa ke Abuti Thabo Mofokeng e le ha a bona sekgeo se teng ka hara Qwaqwa bakeng sa dikolo tsa bana ba phelang ka bokowa”, ho bolela Mme Mofokeng.

Moruti Ntjhabeng o ile a tshetlaha puo ya hae bakeng sa borakgwebo bohle ba Qwaqwa hore ba teng ho thusa Lesedi Educational Centre Ka ditlhoko tseo ba di hlokang mme o bile o fane ka metjha e ka latelwang.

Mosuwehlooho wa sekolo sa Diphakoeng, Mme Mothapo o tebisitse maikutlo haholo tabeng ya hore batswadi ba tshehetse bana ba bona ka hohle hohle le ka tjhelete e hlokahalang sekolong hobane e sebediswa molemo wa thuto ya bana ba bona.

Mme Tjhobolo e leng Mosuwehlooho wa sekolo sa Tswellangpele o kgothalleditse batswadi hore barate bana ba bona le hore ba bahlokomele kamehla. O qetelletse ka ho babatsa Mosuwehloho le mesuwe ya Lesedi Educational Centre ka Mosebetsi o tswileng matsoho oo ba o etsang kamehla.

Mme Charmaine ho tswa ho Still I Rise Foundation o boletse ka tsela eo a le motlotlo ka yona ka batswadi le ka tshehetso ya bona eo ba e fang bana le ho ba dumella hore ba ye sekolong jwalo ka bana ba bang. “Batswadi re lokela ho keteka maphelo a bana ba rona ba nang le Autism ka motlotlo hobane re hodisa bahale”, ho rialo Mme Charmaine.

Ho ile ha ba le dipapadi tse ngata mme batho bohle ba ile ba nka karolo. Still I Rise Foundation le N &T ba fane ka di jumping casele.

Dr Moloi o ile a leboha batho bohle ka mora hore bohle ba amehang ba fane ka puo mme mokete o ile wa fela ha monate.

Share Kasi Voice News

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Translate »
Verified by MonsterInsights