Basadi ba seponesa sa Thabong ba kwala kgwedi ya basadi ka setaele!

Kgosana Moeketsi
Follow Us

Basadi ba seponesa sa Thabong ha mmoho le basadi ba Guardian Angels, ba kopane Laboraro hoseng, kala 30 Phato, ho keteka kgwedi ya basadi tlasa mookotaba High Tea Party.

Mmuelli wa seponesa seterekeng sa Lejweleputswa, mokapteni Stephen Thakeng, o boletse hore mookameli wa lenaneo la letsatsi leo ene ele molefothenente Matladi Sello a butsing mokete ona semmuso mme a amohela bohle ba tlileng kopanong, haholo mafumahadi a Guardian Angels.

Mokapteni Makge Ramathe ho tsoa ho bophelo bo botle ba basebetsi (EHW), eo hape a fanang ka ditshebeletso tsa tlhabollo ho litho tsa seponesa o fanne ka molaetsa o khothatsang ka basali.

“Mosali o tlameha hoba le botshepehi. Mosadi e mong le e mong o ikhethile, ebile ha hona mosadi ya lokelang ho honohela mosadi e mong. Basadi ba tlameha ho ema moho le ho tshehetsana mosebetsing kapa metseng ya bona,” ho bua Ramathe.

Basadi ba seponesa sa Thabong le ba Guardian Angels.

Mofumahadi Masenute Moletsane wa Guardian Angel o fanne ka puo mabapi le basadi ba lokelang ho hlomphuwa bakeng sa mesebetsi ya bona.

Ramathe o ile a thabisa basadi bana ka motjeko wa setso sa Tsonga ha Mme Stungi Mimba a ne a bina melodi e monate. Mme Confidence Phetoane o lebohile bohle bileng teng ho etsa mosebetsi ona o atlehe.

“Ka mora moo, basadi ba ile ba fumana brunch le dino,” Thakeng wa tsebisa.

Share Kasi Voice News

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Translate »