Seponesa se batlana le babelaellwa ba robong mabapi leho phatlola motjhini wa tjhelete Odendaalsrus

Sepoonesa sa Odendaalsrus se batlana le babelaellwa ba robong mabapi le ho phatlola motjhini wa tjhelete seteishining sa se peterole kajeno mesong.

Mmuelli wa seponesa seterekeng sa Lejweleputswa, mokapteni Stephen Thakeng, banna ba robong ba hlotse balebeledi ba Fidelity ka matla mme ba batla tjhelete. hona ho banneng banao, motjhini wa tjhelete o ile wa phatlolwa ke babelaellwa bana.

Ho ile hwa thunngwa mme koloi ya Fidelity ya tshireletso ya senyeha.

“Ka mora ho nka tjhelete, babelaellwa ba ile ba baleha mme batswa ka tsela tse fapaneng ha ba bona seponesa le tshireletso ya poraefete,” ho tsebisa Thakeng.

Seponesa, ha mmoho le tshireletso ya poraefete, se fihlile sebakeng sa botlokotsebe ka mora ho fumana pitso mesong ka 01:45.

Ho fihleng ha bona, mapoonesa a ile a fumana tjhelete e kana ka R500 ka hara polasitiki pela pompo ya peterole. Ho bonahala ha e diuwe ke e mong wa babelaellwa ha a ne a baleha.

“E mong wa babelaellwa o bonwe a baleha ka mokotlana ka matsohong a hae. Maiteko a ho mo tshwara ha a ka atleha,” ho bua Thakeng.

Ka moo ho bonahalang ka teng, banneng bana ba robong, ba babedi bane ba tshwere dithunya, ebile e mong wa basebetsi ba seteishini sa peterole o ile a otlwa ka sethunya phahleng.

Thakeng o boletse hore e mong wa balebeledi ba fidelity o tlalehile hore ho thuntswe ka tsela ya hae ha bedi mme fensetere ya koloi ya thubeha.

Tekesi e tshweu ya moetso wa Toyota, modele wa Super T, ene e senyehile difensetere ka hobane e ne e eme pela motjhini ona wa tjhelete.

“Tjhelete e lekanang le R600 e dauweng ka enke le dikhatriji tsa sethunya sa moetso wa 9mm di ile tsa nkuwa ke seponesa,” Thakeng wa tsebisa. \

Nyewe tsa ho phatlolla motjhini wa tjhelete, tlatlapo ka dithunya le ho leka ho bolaya di hatisitswe seponeseng sa Odendaalsrus ho etsa dipatlisiso.

Mang kapa mang ya kapang le ditaba tseka thusang seponesa o koptjwa hore a ikopanye le lefokisi kapteni Keke Moeketsi wa mafokisi a seponesa sa Odendaalsrus dinomorong tsa 0823012797. Ho tseng jwalo, motho a la letsetsa dinomoro tsa Crime Stop eleng, 0860010111.

Share Kasi Voice News

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Translate »
Verified by MonsterInsights