- SIU e fuwa matla a ho fuputsa diqoso masepaleng wa Moqhaka - April 13, 2024
- COPE gun for Mapisa-Nqakula resignationafter R2.3m bribe scandal - March 19, 2024
- SIU recovers close to R1bn in unallocated NSFAS funds from tertiary institutions - March 13, 2024
Mosadi ya dilemo di 25 ya dulang Thabong o tlaleha ha a betuwe Moqebelo mantsibuya, kala 05 Phato. Seponesa sa Welkom se batlana le mmelaellwa.
Hoya ka mmuelli wa seponesa seterekeng sa Lejweleputswa, mokapteni Stephen Thakeng, mosadi enwa o ne a le sebakeng sa boithabiso se tsebahalang ka seterateng sa Kort, ka hara teropo ya Welkom.
“Mosadi enwa o ile a kopana le monna wa moAfrika a ileng a mo botsa hore oya kae, mme ba tsamaya mmoho,” ho bolela Thakeng.
Bobeding ba bona, ba ile ba feta sebaka sa ho paka sa mabenkele seka tlasa lefatshe. Mosadi o tlaleha ha monna eo a mo qobelletse sebakeng seo mme a mo beta.
“Ka mora ketsahalo ena, mosadi enwa o ile a kgona ho baleha mme a tlaleha ketsahalo ena seponeseng sa Welkom,” ho tsebisa Thakeng.
Nyewe ya peto e butswe ho tla etsa dipatlisiso.
Mmelaellwa a kaba 1,7m ka botelele, o mosweu ka mmala ebile o na le moriri hara hloho. Ho feta moo, mmelaellwa o ne a apere baki e bolou, sikipa se sesweu ka borikgwe bo botsho
“Mang kapa mang ya kabang le ditaba tse ka thusang ho fumana mmelaellwa enwa o koptjwa ho letsetsa lefokisi sajene Lehlohonolo Fonya wa sehlopha sa Tlhekefetso ya Malapa, Tshireletso ya Bana le Ditlolo tsa Molao tsa Thobalano seponeseng sa Welkom. Ho seng moo, motho a ka founela nomoro ya seponesa ya ho thibela botlokotsebe eleng 0860010111.” Thakeng wa qetella.


