Seponesa se kopa thuso ka ho fumana mmelaellwa wa peto le polao

Seponesa sa Botshabelo se kopa thuso ya baahi ho fumana mmelaellwa, Morena Samson Moleko (37) oo ho tlalewhwang ha a bolaile Maleshoane Gladys Majola (29) selemo se fetileng ka Tshitwe.

Hoya ka mmuelli wa seponesa wa nakwana seterekeng sa Motheo, sajene Sinah Mpakane, seponesa se fumane ditaba tsa polao e etsahetseng sebakeng sa D-Section, Botshabelo ka labobedi hosing, kala 14 Tshitwe 2021.

“Ho fihleng ha seponesa, ho ilwe ha fumanwa setopo fatshe ka tlung,” ho tsebisa Mpakane.

Dipatlisiso di bontshitse hore matsatsi a mabedi pele ho tsebisahala ka polao ena, Moleko le Majola bane ba ntse ba nwa bojwala le baahisane ba bona pele Moleko a ba leleka.

Ho tlalehwa ha mmelaellwa a ile a bonwa a palama tekesi ka mokotlana a re o fumane mosebetsi.

“Letsatsing leo Moleko a tsamaileng ka lona, o ile a founela  ausi wa Majola a mobolella hore o bolaile ngwanabo ebile o mo sile ka tlung,” Mpakane wa hlalosa.

Moleko ke mmelaellwa ya ntseng a batluwa ke seponesa mabapi le peto hoya ka lengolo la hae le ntshuweng la hotshwarwa.

Moputso o tshepisitswe ho motho yaka fanang ka ditaba tse ka thusang ho tshwara Morena Samson Moleko.

“Mang kapa mang ya nang le ditaba mabapi le mmelaellwa o koptjwa ho letsetsa lefokisi sajene Itumeleng Mara wa seponesa sa Bothsabelo dinomorong tsa 0796528394, kappa a letsetse dinomoro tsa seponesa tsa ho emitsa tlolo ya molao eleng, 0860010111.

Share Kasi Voice News

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Translate »
Verified by MonsterInsights