- Meet the teenager who wears many hats! - August 24, 2022
- Thabong SAPS roll-out crime combating awareness to educate women - August 22, 2022
- SA Medical Association Chairperson Mvuyisi Mzukwa recovering after stabbed multiple times - August 22, 2022
Patlo e ntse e tswela pele ho fumana mosadi ya dilemo di 61 ya timetseng ka la 10 Mmesa a lebile Thabong ho tswa Allanridge.
Mmuelli wa seponesa seterekeng sa Lejweleputswa, mokaptene Stephen Thakeng o re Makunga o tlohile hae ho ya bona motho eo a utlwanang le ena a tsejwang e le Themba ya dulang Allanridge.
“Ka lona letsatsi leo o ne a lokela ho kgutlela Thabong moo a dulang teng,” ho rialo Thakeng.
“Motjhana wa Themba o re o bone Makunga a kgutlela Thabong, empa ba habo ba re ha a fihla.
“Mora wa Makunga, Stompie Rampai o boletse hore selefounu ya mme wa hae esale e le ho voice-mail ka mora hore a etele Allanridge,” ho phethela Thakeng.
Mang kapa mang ya nang le tlhahiso leseding e ka thusang fumana Makunga, a ka ikopanya le maponesa ka ho letsetsa 078 800 0676 kapa a le tsetse nomoro ya tshohanyetso ya seponesa ho 08600 10111.







